Ho bile le matsatsi ao ke neng ke nahana hore tsohle di fedile
Empa Modimo ha a ka a ntlohela
Ke kgutlela moo ke qadileng teng
Ke sa hopola mohla ke qalang
Ke kena sekolong ka pelo e tletseng thabo
Bana ba nkamohela ka pososelo
Le nna ka ba amohela ka lerato
Ho ruta e ne e se mosebetsi feela
E ne e le pitso eo Modimo a mphileng yona
Letsatsi le leng le le leng
Ke ne ke tsoha ke labalabela ho ya sekolong
Maru a fifatsa letsatsi la ka
Ka ba ka lebala le nna hore ke mang
Empa Modimo a re"Tsoha ngwanaka
Ke kgutlela moo ke qadileng teng
Moo ke ileng ka ithata hape
Ke kgutlela moo ke qadileng teng
Moo pelo ya ka e neng e thabile
Ha ke utlwa ba re"Hoseng, Ntate"
Ke utlwa eka ke tswetswe hape
Dikgapha tsohle tsa maobane
Ke fumane lebaka la ho bososela
Ke kgutlela moo ke qadileng teng
Moo Modimo a mpitsitseng teng
Ke kgutlela moo ke qadileng teng
Moo bana ba ntseng ba nkemetse
Empa Modimo o moholo ho yona
Moo Modimo a o bitsitseng teng