Ke tsamaya lefatsheng lena
Ka maoto a bohloko le meokgo
Batho ba mphetotse sephiri
Ke sa tshwere maqeba a maobane
Pelo ya ka e batla lesedi
Ke lla jwalo ka ngwana ya lahlehileng
Ke kopa lerato lefatsheng lena
Ke boela lefatsheng la lesedi
O mpholose lefatsheng lena
Ke kile ka phela ka kgalefo
Ka pata meokgo lefatsheng
Empa kajeno ke phahamisa matsoho
Ke tswa lefatsheng la dillo le mahlomola
Bana ba bang ba tsheha, nna ke rwetse merwalo mahetleng
Ke bone bohloko bo nkentse monna pele ho nako
Ka ithuta ho lla ka hare hobane lefatshe ha le na kutlwelobohloko
Bosiu ke rapela ke shebile dinaledi
Ke botsa Modimo hore na bophelo bo tla loka neng
Batho ba ntebile jwalo ka ha ke lahlehile
Empa moya wa hao o mpolella hore ke sa tla tsoha hape
Dikeledi di rotha lefatsheng jwalo ka pula
Empa kajeno ke eme ka tumelo
Ke re"Jehova tshela moya, o ntlatse lerato"
O bonesetse bophelo ba ka
Ke batla bophelo bo botjha
Jehova o nkutlwele bohloko
Le ha lefatshe le nkutlwisa bohloko