Ba batle, ba a tshwanelana
Ke seponono sa dikoti marameng
Ke monna wa theka le sesanyane
Ke le lakaletsa ka mahlohonolo
O mo rate, o mo hlomphe, ngwanabatho
Ke re le wena o mo hlokomele ngwaneso
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thabo, nkadimeng Thelledi ya Mme
E nkgopotsang bokgale jwa nnake
Hopolang, dipodi di le dithabeng
Ke re thiba ka moo, ngwetsi e tla ntsheha
Wa gopola, malobanyana fale
Thelledi, a tsenya dipotsotso
A ntse 'tse feela, sehata marukgwana
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
E kae Lori, ke late kgomo
Moqombothi o qadile, o a bela
E kae vene, re late dinku
Ke re dinku ha di na vene
Moqombothi o qadile, o a bela
Banana ba mona ba ile kae?
Ba ile thabeng, lefielong
Ba ilo sheba kgaka e kgiba
E kgiba ka leoto le le ka morao
Le ka pele le phukaphuka ditshintshi
Ke lekopokopo, ke a koposela
Ke metsi a pula, ke a lelemela
Ha ke sa nyale ke mo tswele ka ntlo
Hobane banana ba tletse mona lefatsheng
Nka mpa ka ya Bram Fischer, ka ilo ikgahela kgokgeng ya ka
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi)
Thelledi (A iyo Thelledi, Thelledi!)